
Motaung Jr. o re ho tsoma dibapadi ho motjheng
Motsamaisi ya ka sehloohong wa sehlopha sa Kaizer Chiefs, Kaizer Motaung Jr. O hlakisitse ntlhakemo ya sehlopha sehleng sena.
Amakhosi e tla thakgola sehla kgahlano le Stellenbosch FC ka sontaha.
Sehlopha sena sa Naturena se tekene dibapadi tse tsheletseng tse akgang Thabiso Monyane, Ethan Chislett, Paseka Mako, Flavio Silva, Siphesihle Ndlovu le Nkanyiso Shinga. Motaung o re ba ne ba shebile moo sehlopha se fokolang teng mme tse ding di ya latela.
“Re dumela ha re matlafaditse sehlopha le ha re ntse re tla se matlafatsa ha nako e ntse e tsamaya,” ho realo Motaung.
Chiefs e kgutlela dipapading tsa continente moo e tla bapala CAF Confederation kgetlo la pele ha esale e ne hlolwe ka 2021 ho makgaolakgang ke Al Ahly.
“Ho bohlokwa ho qala ka matla, haholo jwang ha dipapadi ditlotla ka sekgahla le ka potlako ka lebaka la mohope wa AFCON ka tshitwe le mohope wa lefatshe.”
“Re thabetse ho kgutlela ho CAF haholo,” ke Motaung a tlatselletsa.
Boitukisi ba Chiefs ba sehla bo kenyeleditse dipapadi kgahlano le FC Twente ya Dutch le Asante Kotoko ya Ghana ha mmoho le dipapadi tse bapetseng ntle le Batshehetsi kwano lapeng.
Chiefs e tla bapala papadi ya pele ntle le mokwetlisi Nasreddine Nabi ya bileng le lebaka le potlakileng la lelapa Tunisia.
Mohatsa mokwetlisi Nabi, o amehile kotsing ya koloi moo a lemetseng teng empa ditlaleho di kuma ha a ntse a hlaphohelwa.
Translator: Kabelo Lehasa
