Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Hunt o tshwaela dibapading tse tla bitswa sehlopheng sa naha

Mokaubere wa mokwetlisi e bile e le mokwetlisi wa sehlopha sa Durban City Gavin Hunt, o tshwaetse ka dibapadi tse tla bitswa sehlopheng sa naha sa Bafana Bafana.

Hunt, o na le maikutlo a hore sehlopha setla bitswa bakeng sa dipapadi tsa AFCON se kase fetohe haholo papisong le sehlopha seo mokwetlisi Hugo Broos a ntseng a se sebedisa boholo ba nako.

Le ha hole jwalo, mokwetlisi enwa wa mehleng wa Bidvest Wits le SuperSportUnited, o dumela ha diphetoho ditla bonahala kgethong ya sehlopha setla leba mohopeng wa lefatshe tlasa mabaka a fapaneng.

“Ha ke nahane sehlopha setla fetoha haholo bakeng sa Nations Cup [AFCON] empa bakeng sa mohope wa lefatshe, ho tloba le dimakatso mona le mane,” ho realo Hunt.

“Ho kanna haba le dikotsi, ho fetoha ha mmapalo le tse ding. Ntho e bohlokwa ke hore dihlopha tsa rona dibapale hantle.”

Hunt o dumela ha dibapadi dibitswa ka lebaka la mmapalo wa bona, sena ka mora hore sebapadi sa sehlopha sa hae Fezile Gcaba, a bitsetswe sehlopheng sa sethathong [preliminary squad].

“Ha sehlopha sa hao se sebetsa hantle, o fumana pitso jwalo ka Gcaba a bitseditswe sehlopheng [preliminary squad] hobane sehlopha se sebetsa hantle.”

“Hona le dipapadi tse ngata selemo se tlang, dipapadi tsa setswalle le tse ding, jwale ha ke tsebe. Ho tlaba le menyetla bskeng sa dibapadi tse ngata ho itshupa le ho phahamisa matsoho mme seo kena le bonnete ba sona.”

BALA HAPE: Rhulani Mokwena o hlolwa papading ya pula madiboho