
Luc Eymael o lebisa Chippa United ho FIFA
Mokwetlisi wa mehleng wa Chippa United Luc Eymael, o lebisitse bahiri ba hae ba mehleng mokgahlelong o tsamaisang bolo lefatsheng wa FIFA.
Hoya ka ditlaleho tsa moraorao, Eymael o lebisitse Chippa ho FIFA ka mora hore sehlopha se hlolwe ke ho molefa karolo ya moputso wa ditumelano tsa bona.
Chippa e ile ya hira Eymael hore a tlo kwetlisa sehlopha mme dikgwedi ka mora moo, sehlopha sa hatisa mokwetlisi kosene ka ho se kgotsofalle tshebetso ya hae.
Hoya ka lehlokwana la tsela, Chippa e lefile karolo e itseng ya moputso mme ya hlolwa ke ho lefa karolo ya bobedi ka nako eo bobedi bo dumelang ka yona.
Eymael o lebisitse tletlebo ena ho FIFA mme FIFA ya fa Chippa matsatsi a leshome ho lefa Eymael, e leng seo ditlaleho tsa moraorao dihlalosang ha Chippa e hlotswe ke ho se etsa.
E bang Chippa e ke ke ya fihlella ditumelano le ho rarolla bothata bona, sehlopha se ka fumana kotlo ya ho se tekene dibapadi ho fihlela ba phumutsi molato wa bona.
Sehlopha sena se satswa tlowa dibukeng tsa baetsa dibe tsa FIFA moo le teng e neng e le ditefo tse salletseng moraorao ho sebapadi.
Ha jwale tebello ke ho bona hore FIFA e tla nka qeto e fe bakeng sa sehlopha sena se dutseng tlase tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership.
BALA HAPE: Ntwa ya dinaha tsa Afrika le dihlopha tsa Europe e hlwa matsatsa
