Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Papadi ya Sundowns le Polokwane City e fumana letsatsi le leng

Papadi e neng e lokela ho bapala ka la 15 Mmesa dipakeng tsa Mamelodi Sundowns le Polokwane City e se e tla bapala ha mmamorao kgweding ena.

Papadi ena e fetoletswe matsatsi ka lebaka la papadi ya maoto a mabedi a CAF Champions League tseo Sundowns e tla dibapala tse tlang pele ho makgaolakgang (semi-final).

Sundowns e tla kena leetong bakeng sa leoto la pele ho leba Tunisia mafelong ana a beke pele ba kgutlela lapeng bakeng sa leoto la bobedi e leng lebaka la ho fetolwa ha matsatsi a papadi ya Betway Premiership.

Polokwane, e se e tla amohela Sundowns kala 29 Mmesa lebaleng la Old Peter Mokaba mme leoto la bobedi letla bapala kala 03 Motsheanong lebaleng la Loftus Versfeld.

Sena se hlalosa hore dihlopha tse pedi tsena ditla kopana makgetlo a mabedi ka nako ya beke bakeng sa dipapadi tse pedi tsa sehla (league matches).

BALA HAPE: Kgatiso ya Mokoena a kganna a shebile mohala e baka ditaba