
Cardoso o bua ka tshehetso ya sehlopha ho Saleng
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalositse ha sehlopha se sebetsa le sebapadi sa bona se bileng le bothata Monnapule Saleng.
Cardoso o buile sena ka mora papadi eo ho yona ba hlotseng Richards Bay ka 4 – 1 lebaleng la Umhlathuze.
Saleng, o bile le bothata boo Cardoso a ileng a hlalosa e le boitshwaro nakong e fitileng empa kgetlong lena o hlalositse ha sehlopha se leka tsohle ho thusa sebapadi sena.
“Saleng o bile le nako eo a neng a ikwetlisa a le mong empa o qadile o kgutletse ka hara sehlopha mme o tla hantle,” ho realo Cardoso.
“Re nkile qeto ya ho mofa monyetla wa ho lukisa diphoso le ho kgutlela maemong a hantle.”
Cardoso ya bonahetseng a fa Saleng mohope wa MTN8 ho keteka ka mora ho hlola Orlando Pirates, o hlaz. Z z z zdlositse ha jwalo ka sehlopha ba tshepa Saleng le bokgoni ba hae.
“Ke sebapadi seo re se tshepang mme nako ya hae ya ho bapala yatla. Le bone kene ke keteka le yena mohopeng wa MTN8 ho bontsha tshehetso.”
Lekgetlo la ho qetela Saleng a bapala ke leotong la pele la makgaolakgang a CAF Champions pele ho utlwahala taba ya hose ipapisi le melawana ya sehlopha.
