
Mang ke mang, Cardoso kapa Ouaddou, Pirates kapa Sundowns?
Sehlopha sa Orlando Pirates setla a mohela Mamelodi Sudowns ka moqebelo lebaleng la Moses Mabhida papading ya makgaolakgang a MTN8 WafaWafa.
Pirates eo e leng yona e tshireletsang mohope ona, e tla kena papading ena lekgetlo la bohlano ka tatellano e bapala ho makgaolakgang moo e hapileng mohope ona makgetlo a mane ka tatellano.
Sundowns ka ho le leng, e qetetse ho bapala makgaolakgang a MTN8 ka 2021 ka nako eo sehlopha se neng se hapa mohope ona ka thaho ya mekoko kgahlano le Cape Town City.
BALA: Lorch o maoto o oka ditlhabela sehlopheng sa Al-Ittihad
Ka bobedi Ouaddou le Cardoso batla qala ho kopana ho makgaolakgang ha sehleng se fitileng ba kopane papadi e tlang pele ho makgaolakgang moo Pirates e hlotseng Sundowns ka thaho ya mekoko 4 – 1.
Pirates e hapile mohope ona makgetlo a mane ka tatellano mme ba tla batla ho tswellisa nalane ya bona ha Sundowns e tla batla ho ema seo ka pele.
Pirates haeso lahlehelwa sehleng sena ka mora dipapadi tse 12 ha Sundowns e lahlehetswe papading e le nngwe hona mohopeng ona.
BALA: Kadodia o dumela ha Tinkler a tla fihlella ditabatabelo tsa sehlopha
