
Marumo Gallants e tsibisa dibapadi tse ntjha pokellong ya bona
Sehlopha se fetotseng le hae sa Marumo Gallants, se tsibisitse dibapadi tsa bona tse 12 tseo ba satswa ho ditekena.
Gallants e arohane le dibapadi tse leshongwa ho kenyeletsa mokaubere wa sethibathibane Washington Arubi ya lebileng lapeng Zimbabwe.
Lenane la dibapadi tse ntjha, dikenyeletsa Thabang Sesinyi ya keleng a matha mebaleng ya Platinum Stars ya mehleng.
Lepelesana Onalenna
Emile Mako
Mlungisi Sikakane
Lukhele Thokozani
Thabang Sesinyi
Patrick Motshoeneng
Kgomotso Marebane
Thabiso Mkhwanazi
Thato Peeha
Prince Manku
Thato Mohlomme
Samkele Sihlali
Gallants e nkile qeto ya ho fetola province eo batla bapalla dipapading tsa yona tsa lapeng.
Sehlopha se qetile dihla tse pedi se sebedisa mabala a Bloemfontein [Toyota le Dr Ratlai Molemela] ho bapala dipapadi tsa lapeng.
Ho sebe teng ha lebala la Dr Ratlai le boldnh ba Toyota e bile sona se sosa sa hore sehlopha se nke qeto ya ho le North West moo batla bapalla dipapadi tsa lapeng lebaleng la Royal Bafokeng.
BALA: Sundowns e tswelapele ho kotsomala se maratswa kontinenteng
