
Sundowns e tswelapele ho kotsomala se maratswana kontinenteng
Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se tswelapele ho dula qhoweng dipalopalo tsa dihlopha tsohle tsa Afrika.
Bompudi bana ba tshireletsang mohope wa CAF Champions League, ba ntse ba itlhomme pele ka dintlha tse ngata ka ho fitisisa dihlopheng tsa kontinente.
Dipalopalo tsa moraorao dibontsha ha Sundowns e butse sekgeo sa dintlha tse 7 dipakeng tsa bona le sehlopha se bobeding sa Al Ahly ya Egypt.
1) Mamelodi Sundowns 🇿🇦 – 73 points
2) Al Ahly 🇪🇬 – 66 points
3) Esperance 🇹🇳 – 58 points
4) RS Berkane 🇲🇦 – 57 points
5) USM Alger 🇩🇿 – 52 points
6) Zamalek 🇪🇬 – 49 points
7) Pyramids 🇪🇬 – 48 points
8) ASFAR 🇲🇦 – 41 points
9) Al-Hilal 🇸🇩 – 39 points
10) CR Belouizdad 🇩🇿 – 38 points
Dihlopha tse ding tsa Afrika Borwa, diteng le naneng la dihlopha le ha dihlahella tlasa dihlopha tse 10 tse ka hodimo.
Sundowns le Orlando Pirates ditla emela Afrika Borwa mohopeng wa CAF Champions League sehleng sena ha Kaizer Chiefs le Durban City ditla bapala ho CAF Confederation Cup.
BALA: Mosimane o hlalosa ha e le tabatabelo ya hae ho kwetlisa Bafana Bafana
