
SAFA le SASOL difihlella tumellano e ntjha
Mokgatlo o tsamaisang bolo ka hara Afrika Boroa wa SAFA, o fihleletse tumellano e ntjha le batshehetse ba bona ba dilemo.
SAFA le batshehetse ba bona ba dilemo SASOL, ba kene tumellano e ntjha ka mora hore ya pejana e fihle pheletsong dikgweding tse fitileng.
Batshehetse bana ba ikanetseng ntsetsopele ya papadi ya basadi ka hara naha, ba kene selekaneng se setjha sa dilemo tse nne ho thusa ntsetsopeleng ya papadi ya basadi.
SASOL ke bona batshehetse ba mantlha dihlopheng tsa basadi ka hara Afrika Boroa mme ba etsa le nyehelo e kgolo dihlopha tsa ntsetsopeleng mabatoweng a fapang ka hara naha (SASOL League).
Tumellano ena, e tla fokotsa kgatello ya ditshelete e teng mokgatlong jwalo ka ha o ntse o lohotha ho kgaola mekgolo ya ditho tse itseng tsa tsamaiso.
Selekane sena setla ka nako eo sehlopha sa Banyana Banyana baleng boitukisetsong ba leoto la bobedi kgahlano le naha ya DRC e le papadi tsa ho phunyeletsa ho leba mohopeng wa WAFCON.
BALA HAPE: Desiree Ellis wa itseka tabeng ya tumellano le SAFAÂ
