Bolo ya maoto

Kaizer Chiefs e hapa ka ntle ho lebala

Kaizer Chiefs e fumana monyetlawa ho tekena sebapadi sa mehleng sa Cape Town Spurs, Asanele Velebayi.

Premier Soccer League Dispute Resolution Chamber e hlalositse ha Velebayi e le sebapadi se senang sehlopha ho latela nyewe e ne e ntse e matha.

Spurs e rengwe ke selepe ho tloha ho Motsepe Foundation ho ya ABC sehleng se fitileng.

Ka mora hore Spurs e rengwe ke selepe, Chiefs e ile ya potlaka ho tekena Velebayi le Luke Baartman ka tumelo ya hore ha ba sana sehlopha.

Spurs e ile ya nkela qeto ena lekgotleng la dinyewe la PSL DC ho tseka dibapadi tsa bona ho akga Liam Bern ya tekenweng AmaZulu.

Moqolotsi wa SABC Sport Mazola Molefe o phatlaladitse ka montaha hore DC e qhetile ha Velebayi e le sebapadi se senang sehlopha.

Chiefs e lelekisitse Velebayi nako e fitileng ha Spurs e ne e batla R12 million mme Chiefs ya se mo tekene.

Ha jwale Chiefs e ka tekena sebapadi sena mahala le ha ho sa hlaka lehlakoreng la Baartman le Bern.Chiefs e qadile sehla ka sontaha ka ho hlola Stellenbosch FC 2 – 0.

Translator: Kabelo Lehasa

BALA HAPE: maseko-o-ngola-maikutlo-a-hae-instagram