Ditaba tsa moraoraoKriketeUncategorised

Pakistan e hapa papadi ha Afrika Boroa e hapa letoto

Naha ya Pakistan lehlakoreng la basadi papading ya krikete, e kgutlisitse seriti ka mora ho hlola Afrika Boroa papading ya ho qetela letotong la dipapadi tse tharo T20.

Pakistan, e hlotse Afrika Boroa ka mematho e 53 ho thibela se bitswang ‘whitewash’ e leng ho hlolwa dipapading kaofela tsa letoto. Tlholo ya Pakistan e file naha nngwe borarong ha Afrika Boroa yona e hlotse pedi borarong (2 – 1).

Pakistan, e hapile lotho mme ya kgetha ho otla pele. Afrika Boroa e qadile ka leoto le letle le ho ketola dibapadi tse qalang empa Fatima Sana (47*) a e lwana sesadi ho thusa Pakistan ho dula memathong e 144 ho tswile dibapadi tse supileng (144/7).

Karabelong ya bona, Afrika Boroa e kgonne fela ho etsa mematho e 91 dibapadi ditswile kaofela (91 all out) le ho hlolwa ka mematho e 53.

Dibapadi tsa Pakistan tse akgelang, dine ditsohile molota le ho kenya dibapadi tsa Afrika Boroa tlasa kgatello e makatsang.

Le ha hole jwalo, Afrika Boroa e kwetse bosiu ka pososelo jwalo ka ha ba hapile letoto ka mora ho hapa dipapadi tse pedi tse qalang.

Dinaha bobedi ditla fetola mawa le ho tsepamisa maikutlo dipapading tsa tharo tsa letsatsi ka leng (ODI). Papadi ya pele e tla thakgoha ka sontaha motsheare [10:00] lebaleng la Mangaung Oval, Bloemfontein.

BALA HAPE: Dibapadi tsa Afrika Boroa dingola mabitso a tsona naleng