
Mathata a bokwetlisi a tswelapele sehlopheng sa Gallants
Ka mora ho nyaola mokwetlisi ya neng a le monyane ka ho fitisisa ho PSL, sehlopha sa Marumo Gallants se ntse sele ditabeng ka ntlha ya mokwetlisi le ha sehlopha se fumane mokwetlisi ho qetela sehla le bona.
Gallants e hlwaile Jamil Benouahi hoba mokwetlisi bona le ho thusa sehlopha ho tswa mathateng ao seleng ho ona. Le ha hole jwalo, Benouahi o fetowe ke dipapadi tse mmalwa tmme sehlopha sa tshireletsa seo ka hore mokwetlisi o ne a sa phela hantle.
Mafelong a fitileng a beke sehlopha se bapetse maleka [1 – 1] kgahlano le Sekhukhune mme le papading eo mokwetlisi ha bonahala jwalo ka dipapading tse ding tse fititleng.
Tsa moraorao ke hore kutlwano dipakeng tsa mokwetlisi le sehlopha ya fokola le ha e le hona mokwetlisi a ne a fihla sehlopheng.
BALA HAPE: Kgatiso ya dibapadi tsa Bafana Bafana e baka ditaba dihana ho fela
Ho ya ka lehlokwana la tsela, sehlopha le Benouahi ba dipuisanong tsa ho fumana tharollo ya moshwellela le ha ho utlwahala karohano e le yona tharolo e bonahang e tla nkwa.
Gallants e dutse bobeng tafolong ya dihlopha ho Betway mme ba hloka ho hlola dipapadi tse setseng hore ba pheme ho rengwa ke selepe.
Dipapading tse nne tse setseng, sehlopha setla bapalla dipapadi tse tharo lapeng, e leng seka sebetsang jwalo ka monyetla wa ho phema selepe.
Marumo Gallants remaining matches:
6 May 2026 vs TS Galaxy (Home)
9 May 2026vs Richards Bay (Home)
16 May 2026vs Polokwane City (Away)
23 May 2026vs Stellenbosch FC (Home)
BALA HAPE: Mokwetlisi wa Polokwane City o batla dintlha tse 6 kgahlano le Sundowns
