Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cape Town City e sokola ho hapa ho Motsepe Foundation

Sehlopha sa Cape Town City se bapalang ho Motsepe Foundation Championship, se sokola ho hapa dipapadi ka mora ho bapala dipapadi tse hlano ntle le tlholo.

City, e theohetse ho Motsepe ka mora ho qeta sehla e dutse boemong ba 15 le ho bapala dipapadi tsa mantshano (playoffs) moo ba hlotsweng ke ho tshireletsa maemo a bona ho Betway Premiership.

Bompudi bana ba mehleng ba MTN8, ba arohane le tse ding tsa dibapadi tsa bona tsa bohlokwa ha ba theohela tlase e le dipehelo tsa boemo boo baleng ho bona.

City, e lwanne ya kgumamela ho dula ho Betway ka mora ho tseka hore Marumo Gallants e sebedisitse sebapadi se seng dibukeng tsa bona empa ba hlolwa ke nyewe eo le ho lokela ho bapala ho Motsepe.

Ho theoheng ha bona, City e tsibisitse ho tekenwa ha mokwetlisi Jan Vreman le dibapadi tse mmalwa tse jwalo ka Keagan Dolly, Njabulo Ncgobo le Walter Bwalya e leng sebapadi sa Al Ahly sa mehleng.

‘The Citizens’ ba se ba bapetse dipapadi tse hlano, ba bapala maleka ho tse tharo le ho lahlehelwa ke papadi tse pedi mme ka selataneng bana le ntlha tse tharo.

Dipapading tse tharo tse latelang, City e tla nkana le Leicesterfield City (1 Mphalane), e nkane le Midlands Wanderers (18 Mphalane) le The Bees (25 Mphalane). Dipapadi tsena kaofela ditla bapala ka 15:30 ka matsatsi a boletsweng.

BALA HAPE: City e hlolwa ke boipiletso ho SAFA