
Pirates le Chiefs diphatlalatsa ditjeho tsa tekete ya sehla kaofela
Dihlopha tse kgolo tsa Soweto, diphatlaladitse ditheko tsa ditekete tsa sehlopha tsa sehla kaofela.
Orlando Pirates le Kaizer Chiefs, ke tse ding tsa dihlopha tsa pele ho tsibisa ditjeho tsa tekete ya ho kena lebaleng sehla kaofela bakeng sa batshehetsi.
Ka bobedi dihlopha dinyollotse ditheko tsa tekete ena papisong le sehla se fitileng sa dipapadi.
BALA: Chiefs e fetwa ke mokgahlelo wa pele wa CAF Confederation Cup
Tekete ya Pirates, e nyolohile ho tloha ho R 650 ho ya ho R 1 300. Lebaka la sena e katswa e le hopeng sehla se fitileng sa dipapadi ha sehlopha.
Tekete ya Chiefs, e nyolohile ho tloha ho R 550 ho ya ho R850. Chiefs ha ya tebisa letsoho ho nyoleng theko mme le leng la mabaka e kaba taba ya hore sehlopha se bapalla dipapadi tsa bona mabaleng a fapaneng.
Sehla sa dipapadi se thakgohile mme ka bobedi dihlopha tsena dise diqadile papadi ya pele eo ka bobedi ba e hapileng.
BALA: CAF e hlalosa ha e tshehetsa Gianni Infantino le boetapele ba hae
