
Kgatiso ya dibapadi tsa Bafana Bafana e baka ditaba dihana ho fela
Kgatiso ya dipapadi tsa sehlopha sa naha Bafana Bafana e manehilweng leqepheng la sehlopha ho X (Twitter), e bakile ditaba dihana ho fela moo e arotseng le maikutlo a batshehetsi.
Leqephe la Bafana Bafana ho X, le manehile kgatiso ya motso le metsotswana (1:22 minute) moo e bontshang dibapadi tsa naha le moifo wa bokwetlisi.
Le ha hole jwalo, kgatiso eo e bontsha dibapadi tse 22 fela e leng se tlisang dipotso tsa hore ebe ke phatlalatso ya dibapadi tsetla leba mohopeng wa lefatshe le ha phatlalatso ya semmuso e tla etswa ke mokwetlisi wa naha.
Dibapadi tse kgatisong eo, ke Siphephelo Sithole, Teboho Mokoena, Ronwen Williams, Oswin Appollis, Relebohile Mofokeng, Lyle Foster, Thabang Matuludi, Khulumani Ndamane, Khuliso Mudau, Mbekezeli Mbokazi, Thapelo Maseko, Themba Zwane, Ricardo Goss, Tshepang Moremi, Aubrey Modiba Nkosinathi Sibisi, Bonginkuhle Hlungwane, Evidence Makgopa Renaldo Leaner, Ime Okon, Jayden Adam, Samukele Kabini.
BALA HAPE: Cardoso o ikana ho lwana ya kgumamela dipapading tse tlang
Kaofela dibapadi tsena e ne e le karolo ya sehlopha se bapetseng dipapadi tse pedi tsa setswalle kgahlano le naha ya Panama kgwedi e fitileng.
Tebello ke ho utlwa hotswa ho mokwetlisi wa seholo sa naha ya neng a le teng papading ya Soweto hore ke bo mang batla emela naha, mahlo a tla boela a sheba e bang kgatiso ena e lepile ka nepo pele ho phatlalatso ya mokwetlisi.
Hugo Broos, o tla etsa phatlalatso ya dibapadi tse ka bang 40/45 [preliminary squad] pele a ka fokotsa palo eo ho dula ho 23/26.
Mohope wa lefatshe (World Cup) o setse ka nako ya kgwedi le dibeke mme o tla tshwarelwa naheng ya America, Mexico le Canada ka kopanelo.
BALA HAPE: Baroka e rengwa ke selepe se lebisang ho ABC Motsepe League
