Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Parker o dumela batla hlola City ho phahamisa mohope wa Nedbank

Mokwetlisi ya tshwereng mokobobo sehlopheng sa TS Galaxy Bernard Parker, o hlalositse ha ana le tshepo hore dibapadi tsa sehlopha sa hae ditla ingolla nalane ya tsona ka moqebelo.

Galaxy e tla bapala papadi ya makgaolakgang a Nedbank kgahlano le Durban City mme Parker o dumela ha batla kgutla le mohope.

“Ke ntho e kgolo ho dibapadi tse so hape mohope mapelong a tsona le ho bapaleng boemong bo phahameng mme sena ke monyetla o moholo ho ingolla nalane ya bona,” ho realo Parker.

“Re batla re tseba tsohle tse hlokahalang le seo re se bapallang mme e ke ke yaba papadi e bonolo.”

BALA HAPE: Baroka e rengwa ke selepe se lebisang ho ABC Motsepe League

Parker o kene dieteng tsa Adnan Beganovic eo sehlopha se monyaotseng ka lebaka la tshebetso e sa kgahlising ho Betway Premiership le ha sehlopha se bile le leeto le monate ho Nedbank.

Modulasetulo wa sehlopha Tim Sukazi, le yena o hlalosotse ha a dumela ho tletseng dibapading tsa hae le mokwetlisi wa nakwana sehlopheng.

“Kena le tshepo e tletseng ho mokwetlisi Bernard Parker hore o na le bokgoni ba hore etella pele ho baballa maemo a rona ho Betway le ho nyolla mohope wa Nedbank lekgetlo la bobedi nalaneng ya sona,” ho realo Sukazi.

Papadi ena e tla bapala ka moqebelo wa la 02 Motsheanong lebaleng la Peter Mokaba mme e tla thakgoha ka 18:00.

Sehlopha setla hapa makgaolakgang setla fumana monyetla wa ho bapala dipapadi tsa kontinente [CAF Confederations Cup] sehleng setlang.

BALA HAPE: Mathata a bokwetlisi a tswelapele sehlopheng sa Gallants