Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mathata a Mokwena a hlwa matsatsa Algeria

Mathata a mokwetlisi ya sa ntse a le mathateng wa MC Alger Rulani Mokwena, a hlwa manolo hodimo.

Sena ka mora hore Mokwena a lahlehellwe ke papading e nngwe hape e neng e le bohlokwa.

Alger, e hlotswe ke CR Belouizdad e kwetliswang ke Sead Ramovic ka 3 – 2 e le mohope wa Algeria Cup.

Tahlehelo ena, e hlalosa ha Mokwena a tswile mohopeng o mong hape nakong ya kgwedi ka mora hotswa mohopeng wa CAF Champions League pejana.

Mokwena, o tlasa kgatello e matla ka mora hore a se bapale hantle dipapading tsa sehla (League) mme tahlehelo ena, e ka bakeng Mokwena a fetang ao a nang le ona.

Pejana ka mora ho lahlehelwa le ho bapala maleka, karolo e nngwe ya botsamaisi le batshehetsi, ba ile ba howa hore Mokwena a fetole tsela eo a bapalang ka yona hoba e batla e sa sebetse le ho ba fumanela tlholo.

Mokwena o ile a arabela ka hore a ke ke a fetola tsela eo a bapalang ka yona hobane hase ntho e bobebe.

Hara tsena tsohle, sehlopha sa Al Ittihad ya Thembinkosi Lorch, e ntse e eme sa lekolwane le ithoka ka ho batla ditshebeletso tsa Mokwena ka mora ho arohana le mokwetlisi wa bona.

Tebello ke ho bona e bang mokwetlisi enwa ya seng a hapile mohope le Alger, o tla tswelapele ka tshebetso ya hae kapa o tla hatiswa kosene le ho leba Libya kapa ho kgutlela lapeng moo le teng lebitso la hae le bitsetswang hodimo ho se eeng sa dihlopha tse sa sebetseng hantle.

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Chiefs o re ke setsokotsane setla feta