
Mokwetlisi wa Chiefs o re ke setsokotsane setla feta
Ka mora ho lahlehelwa papading ya boraro ya Betway Premiership ka tatellano, mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Cedric Kaze, o hlalositse ha sena e le setsokotsane sa nakwana setla feta.
Chiefs, e hlotswe ke Richards Bay ka 1 – 0 papading e bapalletseng lebaleng la Umhlathuse ka labobedi bosiu.
“Ke dumela ha e le ntho e tla feta. Tsena tsohle ditla feta,” ho realo Kaze ka mora ho lahlehelwa.
“Ke nako e mpe mme re lokela ho momahana le ho sebetsa ka thata.”
Kaze o hlalositse ha sehlopha se bapetse hampe karolong ya pele ya papadi, mme le ho hlolwa ha bona, e le ka lebaka la ho hloka dibapadi tsa bona tsa matlha tsa morao.
“Ha keya thabela tsela eo re bapetseng ka yona karolong ya rona ya pele ya papadi. Re qadile papadi hantle mme e bile bomadimabe.”
“Re hlajowe ntlha ka phoso e bileng leboteng la morao. Ke dumela ha rene re sa tsitsa morao. Mohlomong kotsi ya Miguel ka nako ya ho iphuthumatsa, le ho sebe teng ha Zitha.”
Chiefs e ntse e dutse dintlheng tse 30 mme base ba lekana le dihlopha tse ding ka palo ya dipapadi tseo ba dibapatseng (18 games).
Kaze o hlalositse ha ntho ya bohlokwa e le ho kgutlela boikwetlisong le ho leka ho lokisa diphoso ka ho sebetsa ka thata.
“Re lokela ho kgutlela boikwetlisong le ho sebetsa ka thata mme re tshepe hore dibapadi tsa roba ditla kgutla tse neng dibehelletswe ka thoko.”
BALA HAPE: Moemedi wa Vilakazi le Shabalala o qhelela menyenyetsi ka thoko
