
Kemedi ya Afrika e etsa nalane mohopeng wa lefatshe
Dihlopha tse emetseng Afrika mohope wa lefatshe, dietse nalane ka ho fetela mokgahlelong o latelang ka palo e hodimo lekgetlo.
Afrika Boroa, Morocco le Ivory Coast, ke dinaha tsa pele tse tharo tse fetetseng pele dihlopheng tse leshome tse emetseng Afrika.
Naha ya Algeria, Ghana, Cape Verde, DRC le Egypt le tsona di monyetleng wa ho fetela mokgahlelong o latelang e bang dika hapa dipapadi tsa bona tsa boraro.
BALA: FIFA e qhelela ka thoko kopo ya Afrika Boroa
Naha e tla kgutlela lapeng pele ke ya Tunisia e sabang le leeto le monate moo ba hlotsweng dipapading tse tharo kaofela.
Senegal e hapileng bommpudi ba Afrika, e tlasa kgatello ya ho hapa papadi kgahlano le Iraq hore ba fetele mokgahlelong o latelang wa tse 32 tsa ho qetela.
