Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Motaung o ntsha maikutlo ha Chiefs e fihlella tumellano le sebapadi

Setho sa tsamaiso sehlopheng sa Kaizer Chiefs (Football Manager) Bobby Motaung, o hlalositse ha ho ke ke haba le diphetoho tse kgolo sehlopheng ka nako ena ya thekiso ya dibapadi.

Motaung o buile sena ka nako eo dihlopha di-imatlafatsang ka ho tekena dibapadi le ho lokolla tse ding tseo basa disebedising bakeng sa karolo ya bobedi ya sehla. 

Le ha hole jwalo, Motaung o hlalositse ha sehlopha se tla ntsha mahlo dinameng bakeng sa dibapadi tse hlwahlwa tsa bohlokwa tseo baka dihlokang.

“Re thabetse ka moo re bapetseng ka teng, re bile le dibapadi tse lemetseng mme boholo ba tsona e tlaba karolo ya sehlopha karolong ena,” ho realo Motaung.

Motaung o hlalositse ha dibapadi tseo ba ditekenneng ha sehla se qala e le hona ntse ditlwaela makgulo mme a sa bona baka tekena dibapadi tse ding.

“Re tekenne dibapadi tse ngata ha sehla se qala mme tse ding tsa tsona ha diso bapale.”

“Hase ntho e bobebe hoba karolo ya Chiefs ke ka hoo dibapadi dintse disokola ho tlwaela makgulo. Ba hloka ho tlaela tsela ya ho etsa dintho sehlopheng hore ho sebetsehe.”

Hoya ka lehlokwana la tsela, Chiefs e mehlaleng ya sebapadi bona sa mehleng Puso Dithejane eo le Mamelodi Sundowns e leng mehlaleng ya hae.

Ditaba tse ding ke hore Thabo Moloisane o tekenne le ho fihlella tummellano le Thabo Moloisane wa Stellenbosch ha Tashreeq Morris wa Chiefs a kanna a ya ho Stellenbosch le ha e le tumellano tse fapaneng.

BALA HAPE: Saleng o ngola molaetsa wa ho sadisang sehlopha hantle