Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

McKenzie o romela molaetsa o matla ho SAFA ka tshebediso ya VAR

Letona la dipapadi Gayton McKenzie, le boetse la bua ka ho kengwa tshebetsong ha Video Assistant Referee [VAR] ka hara Africa Boroa.

McKenzie o buile ka sena ka nako eo a neng a etsa phatlalatso ya batshehetsi ba dihlopha tse 16 batla kgwethwa ho leba mohopeng wa lefatshe ho tshehetsa Bafana Bafana naheng ya America.

Ha a bua ka VAR, McKenzie o hlalositse ha tsohle dile matsohong a SAFA jwalo ka ha lefapha le ile la fana ka tjhelete nakong e fitileng.

“Nako eo banang le yona ke ya sehla setlang hobane ho setse dipapadi tse hlano pele sehla se fihla pheletsong,” ho realo McKenzie.

Mantswe a letona a tla ka nako eo sehla seleng haufi le ho fihla pheletsong mme haho bonahale SAFA e qadile ka mosebetsi le ka mora hore hobe le tshepiso ya hore VAR e tlaba teng bakeng sa ditekong papading tse tlileng pele ho makgaolakgang (semi-finals) tsa mohope wa Nedbank.

Afrika Boroa ke e nngwe ya dinaha tse tswetseng pele ka hara kontinente ya Afrika empa e so kenye tshebediso ya VAR tshebetsong.

McKenzie, o hlalositse ka mantswe a bontshang ha SAFA e lokela ho kenya VAR tshebetsong sehleng setlang jwalo ka ha mekutu e bile teng ya hore tjhelete e kalo ka 20 million e fumanehe bakeng sa VAR.

“E bang VAR e sabe teng, retla lokela ho bua le batshehetsi ba ditjhelete ba SAFA le ditho tsohle tse ikarabella ho kenyeletsa FIFA ho fuputsa taba ena.”

BALA HAPE: Letona McKenzie: Batshehetsi ba 16 batla leba mohopeng wa lefatshe