Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Khumalo o babatsa bokgoni ba dibapadi pele ho papadi

Sebapadi sa mehleng sa Afrika Boroa le Kaizer Chiefs Doctor Khumalo, o buile a sa lobe letho ka dibapadi tsa Afrika Boroa le Orlando Pirates Mbekezeli Mbokazi le Sipho Mbule.

Khumalo o hlalositse ha Mbokazi e le sebapadi sa mofuta o ikgethang se sa fumaneheng ka mehla (rare breed).

Lekejakejane lena le dilemo di 19 le ntse le tswelapele ho etsa meka le mehlolo ka mora ho nyollelwa sehlopha se seholo sa Orlando Pirates sehleng se fitileng.

“Mbokazi ha se sebapadi fela, ke sebapadi se sebetsang ka thata se nang le monahano wa ho hlola mme ka mehla o dula a tsweletse,” ho realo Khumalo.

Khumalo, o hlalositse ha a utlwisisa hore Nigeria e tlisa boiphihlelo empa a dumela ha Mbokazi a se a bapetse le dibapadi tse nang le boiphihlelo ho Betway hore a kaba le bothata kgahlano le Nigeria.

“O se a bapetse le dibapadi tse matla mme o ba kwetse melomo. E bang re sa mosebedisi hana jwale, retlo tseba jwang hore o na le bokgoni?”

Khumalo o tswetse pele ho hlalosa ha Sipho Mbule e le se seng sa dibapadi tse hlwahlwa ka hare ho Afrika Boroa mme ha a makale hore o sehlopheng sa naha.

“Mbule ke sebapadi se nang le bokgoni bo makatsang. E bang a kgona ho bapala ka tsela eo ka pela batshehetse ba Pirates. A ka re fe ho hong jwalo ka naha mme ke dumela hare lokela ho mofa nako.”

Mbokazi le Mbule, ke karolo ya sehlopha se bapetseng le Lesotho beke e fitileng le hoba karolo ya sehlopha se tla nkana le Nigeria kajeno. Papadi ena e tla thakgoha ka 18:00 lebaleng la Toyota Bloemfontein.

BALA HAPE: broos-o-bua-ka-kgatello-le-maemo-a-lebala