
FIFA e fetola kotlo sebapading sa America ka mora mantswe a Trump
Mokgatlo o tsamaisang bolo lefatsheng wa FIFA, o bakileng ditaba ka ho fetola karete e kgubedi e neng e fumanwe ke sebapadi sa America.
Folarin Balogun o bone karete e kgubedu kgahlano Bosnia & Herzegovina empa karete eo e fanyehilwe nakwana mme sebapadi setla bapala kgahlano le Belgium.
Qeto ena ya FIFA e tla ka mora hore mopresidente wa America Donald Trump a bontshe a sa thabela qeto eo mme a hlalose ha karete eo e lokela ho hlakolwa.
Trump o hlalositse ha a tla buisana le mopresidente wa FIFA Gianni Infantino, a boela a tshosetsa ka hore e bang FIFA e sa lekole le hlakola karete eo, mohope wa lefatshe o tlakolwa hang hang .
Mantswe a Trump a bontshitse boitshunyako ba dipolotiki papading ya bolo mme lekgetlong lena FIFA e bontsha e hlokile boikemelo ba qeto e ikemetseng.
Qeto ena e tswelapele ho seholwa ke mekgatlo le ditho tse fapaneng papading ya bolo empa mokgatlo wa bolo America o e amohetse ka matsoho a mabedi.
BALA: Fernando Da Cruz: Batshehetsi ba Kaizer Chiefs ba tshwanelwa ke katleho
