
Mduduzi Shabalala o bitsetswa ho kwala sekgeo
Sebapadi sa Kaizer Chiefs se hlaselang Mduduzi Shabalala, o bitsetswa sehlopha sa naha ho kwala sekgeo sa sebapadi se lemetseng sa Orlando Pirates.
Shabalala, o tla kwala sekgeo sa Relebohile Mofokeng ya lemetseng papading ya bona le sehlopha sa Siwelele FC ka moqebelo.
Pirates e hlotse Siwelele ka ntlha ho noto (1 – 0) mohopeng wa Carling Knockout e leng yona papading eo Mofokeng a lemetseng ho yona.
Le ha a ntse a sa bapale hantle, Mofokeng o ne a bitseditswe sehlopheng sa naha setla bapala le Zimbabwe le Rwanda mafelong a beke le beke e tlang.
Shabalala o kgutlela sehlopheng sa naha ka mora ho bitswa dibapadi tseng 45 empa a se atlehe ho kena ho tse 23 tsa ho qetepa tsa mokwetlisi Hugo Broos.
Lekejakejane lena la Kaizer Chiefs, e ne e le karolo ya sehlopha se bapetseng le Nigeria le Lesotho kgwedi e fitileng le ha a sa fumana monyetla wa ho bapala dipapadi ka bobedi.
Bafana Bafana batla kena dipapading tse matla tsa ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe tseoba lokela ho dihapa ka bobedi.
Papadi ya pele e ka la 10 Mphalane kgahlano le naha ya Zimbabwe lebaleng la Moses Mabhida mme papadi ena etla thakgoha ka hora ya botshelela (18:00) bosiu.
Papadi ya bobedi e tlaba kgahlano le naha ya Rwanda e bile e le ya ho qetela ya ho phunyeletsa. Mona dihlopha ditla bapala ka la 14 Mphalane lebaleng la Mbombela ka hora ya botshelela (18:00) bosiu.
BALA HAPE: Hugo Broos o ntshitse maikutlo ka taba ya Mokoena
