Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Siwelele se bontsha kgahleho ho sebapadi sa Pirates

Sehlopha sa Siwelele FC seo e leng Supersport United ya mehleng, se bontshitse kgahleho ho sebedisa se e tshwarang se e tlohela sa Orlando Pirates.

Siwelele se kwetliswang ke Lehlohonolo Seema, se kokotile monyako wa Pirates ho botsa ka Sipho Mbule ya felletsweng ke nako sehlopheng.

Tumellano ya Pirates le Mbule, e fihlile pheletsong ha sehla se fela le ha sehlopha sena le monyetla wa ho atolosa [trigger] ka selemo ka mora hore sehlopha se tekena sebapadi sena ka selemo le ho monyetla wa katoloso.

BALA: Stellies se kokotela Chiefs ho botsa ka Ashley Du Preez

Mbule o qadile sehla hantle le Pirates moo a neng a qala le dibapadi empa metsotso ya hae ya qala ho fokotseha le ha hose lebaka le ileng la tekwa.

Sebapadi sena kesa ntshetso pele ya Supersport mme o se a bapalletse dihlopha tse jwalo ka Mamelodi Sundowns le Sekhukhune pele a leba Orlando moo a fihlileng a ba le seabo ho hapeng Treble le sehlopha.

Tebello ke ho bona e bang Pirates e tla lokolla Mbule kapa e tla atolosa nako ya sebapadi sena senang le neo e makatsang le ha fela a hloka lehlohonolo la ho bapala.

BALA: Sundowns e atolosa nako ya Morena ka selemo sehlopheng