
Miguel Cardoso o re ba aha sehlopha botjha
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso o hlalositse ha sehlopha sa hae se fetohile mme bale karolong ya ho ikaha ka ha ba angwe ke bosiyo ba dibapadi tse ding.
Cardoso o buile tsena tsohle ka mora papadi eo ba bapetseng maleka ho yona le sehlopha sa Kaizer Chiefs (0 – 0).
Cardoso ya bonahetseng a nkwa ke maikutlo ka nako ya dipotso, o hlalositse ha sehlopha se fetohile mme ba leka ho se aha botjha.
“O lokela ho utlwisisa hore sehlopha se bapalang hana jwale, se fapane le sehlopha se bapetseng world cup (Club World Cup).
Seabo sa dibapadi tse siyo sehlopheng se seholo ke ka hoo re lokelang ho ikaha botjha,” ho realo Cardoso.
Sundowns e ntse e tswelapele ho bapala ntle le dibapadi tse ding tsa bona tsa mantlha tse jwalo ka Khuliso Mudau le Lucas Ribeiro eo boemo ba hae bosa tsejweng sehlopheng.
Cardoso o tswetse pele ho botsa ha hobaneng a lebeletswe ho dula a hapa empa ho bapala maleka e le engwe ya karolo tsa papadi.
“Hobaneng ha ke ahlolwa ha bohloko le ho lebelwa ho hapa papadi e ngwe le e ngwe. Hobaneng ha dihlopha tse ding di bapala maleka ho nna ho fanane.”
Sundowns e se e bapetse dipapadi tse nne tsa Betway, moo ba hapileng tse pedi ba bapala maleka ho tse pedi. Ha jwale bana le dintlha tse 8 mme ba dutse boemong ba boraro.
Sundowns e tla etela Stellenbosch mafelong a na a beke lebaleng la Danie Craven. Papadi ena e tla bapala ka moqebelo ka hora ya boraro thapama.
BALA HAPE: chiefs-e-bapala-maleka-le-sundowns
