Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Orlando Pirates o lla ka mokgathala

Ka mora ho bapala maleka a 2 – 2 le Richards Bay ka moqebelo, mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou o hlalositse ha leeto le sale lelele ka pela bona pele sehla se fihla pheletsong.

Ouaddou, o hlalositse ha a dumela dibapadi tsa hae diqala ho kenelwa ke mokgathala ka mora ho hlolwa ke ho hapa papadi e kabeng e ba beile ka hodimo tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership.

“Ke nahana ha dibapadi dikenelwa ke mokgathala ka mora hore ke bapadise dibapadi tsa papading e fitileng. O kgona ho bona hore tse ding tsa dibapadi ditlelwa ke mokgathala empa ditswela pele ho sebetsa,” ho realo Ouaddou.

Ouaddou o hlalositse ha ho bapala maleka ho bona ho tshwana le ho lahlehelwa jwalo ka ha ba phepetsa ho hapa sehla.

Pirates e se e bapetse maleka dipapading tse pedi kgahlano le Siwelele le Richards Bay e leng dipapadi tse kabeng dibeile sehlopha boemong bo botle ba ho hapa sehla.

Sehlopha se dutse boemong ba bobedi ka mora Sundowns. Pirates e tla hloka hore Sundowns e hlolwe le ho bapala maleka hore bonyane dilekane ka dintlha.

Ha jwale Sundowns e pele ho Pirates ka ntlha [1 point] le ha e le morao ka papadi. Dipapadi tse latelang tsa Pirates ditlaba kgahlano le Amazulu, Kaizer Chiefs le Stellenbosch.

BALA HAPE: Mbekezeli Mbokazi o nka MLS ka setsokotsane