Bolo ya maoto

Nasreddine Nabi o babatsa dibapadi tsa hae

Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Nasreddine Nabi, o babaditse dibapadi tsa hae ka mmapalo o ntlafetseng papisong le sehla se fitileng.

Chiefs, e bapetse maleka a 0 – 0 le Mamelodi Sundowns papading e bapalletseng lebaleng la FNB.

Nabi ya bileng teng bankeng lekgetlo la pele sehleng sena, o babaditse Paseka Mako le Thabiso Monyane hore ke dibapadi tse bapalang ka boiphihlelo bo makatsang.

“Sehla ha se qala re bile le mosebetsi o matla ho aha lebota la sehlopha mme boteng ba Mako le Monyane bo tlisa botsitso leboteng la rona la morao.”

Nabi o hlalositse ha sehlopha se bile le papadi e ntle mme ba bile le monyetla wa ho hlola papadi le ha ho saba jwalo.

“Ke dumela ha re bile le menyetla ya ho hlola papadi, haholo karolong ya bobedi moo re ne re hlasela ka matla.”

Mokwetlisi Nabi o re o dumela ha Sundowns e kenwe ke mokgathala ho latela sekgahla sa dipapadi tsa bona.

“Ke dumela ha mokgathala o kaba teng sehlopheng [Sundowns] ka ha ba bapetse Club World Cup empa ke dumela ha dibapadi dile teng ho ka phomotsa tse kgathetseng,” ho realo Nabi.

Chiefs ke sona fela sehlopha se so hlajwe ntlha sehleng sena ka mora dipapadi tse nne tseo ba se ba dibapetse. Ha jwale Chiefs e dutse boemong ba bobedi ka dintlha tse 10.

Chiefs e tla nka leeto mafelong a beke ho etela Golden Arrows lebaleng la Sugar Ray Xulu. Papadi ena etla thakgoha ka 17:30 thapama.

BALA HAPE: chiefs-e-bapala-maleka-le-sundowns