
Sundowns e tla bapala mohope wa dihlopha wa lefatshe hape
Bahlodi ba mohope wa CAF Champions League 2026 Mamelodi Sundowns, setla emela kontinente mohopeng wa dihlopha wa lefatshe o tla latela ka 2026.
Sena ka mora hore sehlopha se bapala maleka a 1 – 1 papading ya leoto la bobedi kgahlano le AS FAR empa ba hlole papadi ka aggregate ya 2 – 1.
Ntlha ya Sundowns e kene ka Teboho Mokoena eo e bileng yena sebapadi sa letsatsi ka mora ho lwana ka tsohle ho thusa sehlopha.
Sebapadi se seng se bapetseng karolo e kgolo ke Ronwen Williams ya thibileng thaho ya mokoko ka mora hore AS e fumane tse pedi papading.
BALA: Sebapadi sa Chiefs se leba naheng ya Morocco
Tlholo ya Sundowns e ngola nalane tse mmalwa tse fapaneng bakeng sa sehlopha le Afrika Boroa ka kotloloho.
Sundowns, ke sehlopha sa pele sa Afrika Boroa ho hapa mohope ona makgetlo a mabedi dilemong tse leshome.
Tlholo ena, e fa Sundowns monyetla wa ho emela kontinente dipapading tse tla latela tsa mohope wa lefatshe wa dihlopha o tla bapalla ka 2029.
Tlholo ya Sundowns e nka palo ya dinaledi tsa Afrika Boroa e dibeha ho tse tharo ka mora hore Orlando Pirates e hlole mohope ona ka 1995, Sundowns ya o hapa le ka 2016.
Sehlopha se tla emela letsatsi moo setla kopana le mohlodi wa mohope wa CAF Confederation mohopeng wa Super Cup.
BALA: Bakwetlisi ba Afrika Boroa ba sebetsa hantle dinaheng tse fapaneng
