
Boemedi ba Nkota bo latola menyenyetsi ya thekiso ya sebapadi
Moemedi wa lekejakejane la Afrika Boroa le bapalang naheng ya Saudi Arabia, o latotse menyenyetsi ya hore sehlopha sa mmuelwa wa hae se rerile ho rekisa sebapadi sena.
Mathwasong a beke e fitileng ho qomme menyenyetsi ya hore sehlohla sa Al Ettifaq e behile tjhelete e kalo ka R50 million lebitsong la Mohau Nkota ka maikemisetso a ho rekisa sebapadi sena sa mehleng sa Orlando Pirates.
Nkota o fetowe ke dipapadi tse mmalwa tsa sehlopha ho kenyeletsa le ya mafelo a beke e leng seka tswang se qadile menyenyetsi ena.
P Management e qheletse ditlaleho tsena ka thoko le ho hlalosa ha tsena tsohle ka hore “Ke Maka” e bile dihloka motheo.
Lekgetlo la ho qetela Nkota a fumana monyetla wa ho bapala ke kgwedi e fetileng ka la 27 ha sehlopha sene se bapala le Al-Hazem ya Elias Mokwana.
Dipapading tse 17 tseo Nkota a dibapetseng o hlabile dintlha tse pedi le ho thusetsa dintlheng tse pedi.
BALA HAPE: Gavin Hunt: Teko Modise o leshano
