Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokoena le Modiba batla fetwa ke dipapadi ka lebaka la dikotsi

Sebapadi sa Bafana Bafana le Mamelodi Sundowns Teboho Mokoena, o tla fetwa ke papadi ya bobedi kgahlano le naha ya Eritrea.

Sena ka mora hore sebapadi sena setswe kotsi dihora pele ho papadi ena ya laboraro thapama.

Mokoena ke sebapadi sa boraro se tswang kotsi e le karolo ya Bafana Bafana ka mora hore Lebohang Maboe a hulwe sehlopheng ka lebaka la kotsi le Nkosinathi Sibisi a fetwe ke papadi ya pele.

Sebapadi se seng setla fetwa ke papadi ke Aubrey Modiba ya bapala morao ka lehlakoreng le letshehadi [left back].

Modiba le Mokoena ba lemetse papading ya mafelo a beke kgahlano le Guinea mme ho utlwahale ha e saba karolo ya boikwetliso ka mora ho fihla Egypt.

Kgonahalo e kgolo ya hore bobedi bona bo fetwe ke papadi ya setswalle kgahlano le naha ya Egypt le papadi ya makgaolakgang a MTN8.

Samkele Kabini le Bathusi Aubaas, ke bona dithatohatsi ho kgwala dikgeo tseo tsa dibapadi tsa Sundowns sehlopheng.

Bafana Bafana, batla thulana le Eritrea thapameng ya laboraro motsemoholo Cairo ka 18:00 ka nako ya Afrika Borwa.

BALA: E be AFCON PAMOJA e tla tswelapele jwalo ka dihlophiso?