Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Motaung: Bolo ke kgwebo ya ditlamorao, diqeto ditla etswa ntle le tikatiko

Hlooho ya tsamaiso (Sporting Director) sehlopheng sa Kaizer Chiefs, e hlalositse ha sehlopha se etsa ditekolo tsa ka hare ka mora dipapadi tse sa kgahlising tse fitileng.

Kaizer Jr Motaung, o bile le puisano le Robert Marawa ho MSW ho 947 moo a neng a araba dipotso le ho tlisa tlhakisetso batshehetsing ba sehlopha.

“Ha jwale re lekola maemo ka mora dipapadi tse fitileng tseo ditlamorao tsa tsona disa kgahlisang mme re tseba moo re batlang ho ya teng,” ho realo Motaung.

Ha arabela potso ya ho nyaolwa ha bakwetlisi, Motaung o hlalositse ha e le qeto e tla nkwa ho latela tshebetso e seng taba ya hore tumellano e fihla pheletsong neng.

“Papadi ya bolo ke kgwebo ya ditlamorao (results). E bang ditlamorao disa kgahlisi, qeto e lokela ho etswa ntle le tikatiko.”

Motaung o lekile ho baleyela potso ya hore sehlopha setla sebetsa jwang sehleng setlang ka bokwetlisi empa a etsa kaletsa e ka fanang ka lesedi la tse ka lebelwang.

“Re hloka ho totobala sehleng se tlang ka hona le motho ya nepahetseng (coach), dibapadi tse nepahetseng, le moralo o totobetseng ho fihlela ditabatabelo tsa rona.”

Karabo ena, e tlisa tshepo le tumelo ya hore mohlomong sehleng se tlang, sehlopha setla sebetsa ka mokwetlisi ya le mong papisong le ha jwale moo ho kwetlisang ba babedi.

Motaung o hanne ho tshwaela potsong ya hore sehlopha se nahana eng ka mokwetlisi Pitso Mosimane le Benni McCarthy ba buile phatlalatsa ha ba sena bothata ba ho kwetlisa Chiefs.

“Ha jwale sehlopha sena le bakwetlisi Khalil Ben Youssef le Cedric Kaze. Mokwetlisi Pitso le Benni ke bakwetlisi ba baholo ba fihleletseng tse kgolo papading mme e ka sebe toka ho bua ka bona base teng.”

Motaung o hlalositse ha Chiefs e le sehlopha se hodimo se tshwanelwang me dibapadi le bakwetlisi ba hlwahlwa hore ba kgone ho qotisana lehlokwa le dihlopha tse ding.

BALA HAPE: Motaung o dumela ha sehlopha sele tlasa kgatello