
Mokwena le Al Ittihad ba dumellana ka dipeholo tse matla
Mokwetlisi ya tlohetse mosebetsi sehlopheng sa MC Alger le ho leba ho Al Ittihad Tripoli ya Libya, o kene le ho etsa ditumellano tse matla le sehlopha seo a tla sebetsa le sona ho tloha ha jwale.
Rulani Mokwena, o file Ittihad dipehelo tsa hae mme le sehlopha sa fana ka ditebello tsa bona ho Mokwena.
Bobedi bona bo kene tumellanong ya dilemo tse pedi le sekgeshana (2 1/2) le monyetla wa ho ntshetsa pele.
Phepetso ya pele ya Mokwena e tlaba ho hapela sehlopha mohope wa CAF Champions League le ho tswelapele ho sebetsa hantle dipapading tse ding tsa mehope e fapaneng.
Ka lehlakoreng le leng, Mokwena o batlile taolo e felletseng ya tekeno ya dibapadi tseo a dumelang ditla moetsetsa mosebetsi.
Sehlopha se se se eteletse tumellano ya tekeno pele jwalo ka ha se tekenne Thembinkosi Lorch eo e le thatohatsi ya Mokwena le Stephen Aziz Ki ho tswa ho Wydad Casablanca eo mokwena a kileng a e kwetlisa.
Ittihad e dumetse ho lefe Alger tjhelete ya dikgwedi tse nne bakeng sa Mokwena. Mokwena o ne a lokela ho lefa Alger mokgolo wa dikgwedi tse pedi ka lebaka la ho nyahlatsa tumellano kgerehla, empa Alger e tla etsa seo le ho lefa ya dikgwedi tse pedi e le teboho ya hore Alger e dumetse ho potlakisa ditumellano.
Mokwena o lebeletswe ho fihla neng kapa neng ho qala ka tshebetso ya hae le haeng la ha le letjha.
