Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwena o arohana le Alger, e kaba o leba kae?

Mokwetlisi eo e sale a le ditabeng ya MC Alger Rulani Mokwena, o arohane le sehlopha ka karohano e makaditseng batho e hlaloswang ka hore ke tumellano ya mahlakore (mutual agreement).

Mokwena o ne a qeta ho hapa papadi ya hae ya bobedi ka tatallano bosiu bo fetileng pele ho phatlalatso ena e neng e sa lebellwa.

Pejana ho ile hwa utlwahala sehlopha Al Ittihad ya Libya e batla ditshebeletso tsa Mokwena empa Alger ya netefatsa ha Mokwena a tla dula ho fihla sehla se fela.

Ittihad e tekenneng Thembinkosi Lorch, e tlalehilwe ene e fa Mokwena tjhelete e kalo ka R1.4 million le ha ho utlwahetse Mokwena a ile a e latola.

Karohano ena, e hlalosa hore Mokwena o tla lefa Alger tjhelete ya kgaola tumellano ka lehare pele e fihla pheletsong.

Tebello ke ho bona e bang Mokwena o tla leba Libya ho netefatsa menyenyetsi kapa o tla leba lapeng moo lebitso la hae le ntseng le bitswetswa hodimo.

BALA HAPE: Motale: Siwelele se ke ke sa hlola Pirates