
Mokwena o phatlalatswa dieteng tsa Jurcic naheng ya Egypt
Mokwetlisi wa mehleng wa Al-Ittihad Tripoli ya Libya Rulani Mokwena, o phatlaladitswe e le mokwetlisi ya motjha wa Pyramids FC.
Mokwena, o arohane le Al-Ittihad beke e fitileng ka mora hose utlwane le ho hlolwa ke ho hapa sehla dikgwedi fela a le sehlopheng.
Phatlalatso ya Mokwena Egypt, e tla ka mora dibeke ho utlwahale ha Pyramids e batla Mokwena a hlahlame Krunoslav Jurcic ya hapetseng sehlopha bompudi ba Africa ka 2024/25.
Mokwena, o lebile le ba bang ba moifo wa hae wa bokwetlisi ho Pyramids le ha ditho tse ding tse neng dina le yena Libya, e ke ke yaba karolo ya sehlopha sa hae sa bokwetlisi.
Mokwena o se a kwetlisa sehlopha sa bone sa Afrika leboya ka mora karohano ya hae le Sundowns mme o hapile mohope o leng mong fela le MC Alger ya Algeria.
BALA: Mngqithi o etsa tlama-thata moifong wa hae wa bokwetlisi
