
Mohope wa lefatshe o nyolla boleng ba Mbokazi
Sebapadi sa Afrika Boroa se bapalang naheng ya America Mbekezeli Mbokazi, o tswelapele hoba melomong ya batho ka mora mohope wa lefatshe.
Mbokazi ya bileng le tlhodisano e monate le ha sehlopha se sa sebetsa hantle ha kalo, o tswelapele ho batlwa ke dihlopha tse bapalang lebatoweng la Europe.
Boleng ba sebapadi sena bo nyolohile haholo ka mora mohope wa lefatshe mme se ballwa hara dibapadi tse bitsang ka ho fitisisa ho Chicago Fire.
Mbokazi, o lebile America a bitsa ±€2.5 million empa boleng ba hae bo menahane makgetlo moo ho leptjwang a boleng ba hae bo dutse dipakeng tsa €16 million le €18 million [R338 million].
Bokamoso ba sebapadi sena bo batla bosa hlaka America jwalo ka ha ditlaleho ditswela pele ho lepa ha dihlopha dina le kgahleho ditshebeletsong tsa sebapadi sena.
BALA: Mokwena o phatlalatswa dieteng tsa Jurcic naheng ya Egypt
