
Nkota o kgutlela ka lebaleng ho thusa Al-Ettifaq ho hlola papadi
Sebapadi sa Afrika Boroa sa matjhabatjhaba naheng ya Saudi Arabia, se kgutletseng papading ka mora ho fetwa ke dipapadi tse leshongwana kgwedi e fitileng.
Mohau Nkota, o qadile le papadi ha sehlopha sa hae sa Al-Ettifaq se hlola Al-Qadslah ka 3 – 2 ho qeta lenyora la dintlha tse tharo.
Pele ho tlholo ena, Al-Ettifaq e bapetse dipapadi tse nne (4) ntle tlholo moo ba hlotsweng ho tse tharo (3) le ho bapala maleka ho e le nngwe.
Le ha a saba le papading e ntle, Nkota o bapetse metsotso e 88 ka mora ho nka ntho e ka etsang kgwedi a sa bapale.
Ho dula ka ntle ha Nkota, ho tsamaisane le menyenyetsi e ileng ya utlwahala ya hore o tla arohana le sehlopha le ho leba naheng ya Portugal.
Sebapadi sena se fetowe leke monyetla wa hoba karolo ya sehlopha sa naha se bapetseng dipapadi tse pedi tsa setswalle kgahlano le naha ya Panama.
Tebello ke ho bona e bang Nkota o tla fumana monyetla wa ho bapala le ho hoba monyetleng wa ho bitswa sehlopheng sa naha sa Bafana Bafana setla leba mohopeng wa lefatshe.
BALA HAPE: Mokwena o hapa papadi ya pele ha Lorch a ipabola ka makgabane
