
Brian Baloyi o lla ka motho ya batlelang Chiefs dibapadi
Sethibathibane sa mehleng sa Kaizer Chiefs le Bafana Bafana Brian Baloyi, o ntshitse maikutlo a hae a bontshitseng ho se kgotsofale ka mosibulli wa dibapadi (scouts) ho Chiefs.
Baloyi o nganga ka lereng motho ya tshepetsweng mosebetsi ona o fumanela sehlopha dibapadi tseo e seng tsa boemo ba sehlopha sa Kaizer Chiefs.
Puisanong le lesedinyana la Lisenethini mafelong a beke Baloyi o qoholotse Inacio Miguel le Godly Lelipo e le dibapadi tse sa lokelang Chiefs.
“Baka bapalla dihlopha tse ding ho Betway Premiership, empa e seng Kaizer Chiefs,” ho realo Baloyi.
Miguel, o bonahana a hloka boitshepo papading ya hae morao tjena mme o batla a etsa diphoso tseo hangata dikenyang sehlopha tlasa kgatello.
Baloyi o hlalositse ha dibapadi tsena disa lebe ho AFCON le dinaha tsa bona ka lebaka la ho sebe maemong a hodimo.
“Taba ya hore dibapadi tsena ha diya bitswa dihlopheng tsa bona tsa naha ho leba ho AFCON, ke ntlha e totobetseng ya bokgoni ba bona.”
Baloyi o bapisitse letlobo la jwale la dibapadi tsa matjhabatjhaba le dibapadi tsa mehleng tse jwalo ka Tinashe Nengomashe, Patrick Mabedi, Collins Mbesuma Wedson Nyirenda le Mike Maringa.
“Tseo e ne e le dibapadi tsa boemo bo hodimo mme dine dibapala ka bokgabane le boitelo bo boholo.”
BALA HAPE: Chiefs e phethela selemo ka ho bapala maleka
