Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Motale o dumela ha Mkhalele a ka hlahlama Broos

Sebapadi sa mehleng sa Bafana Bafana Edward ‘Magents‘ Motale, o re o dumela ha motlatsa mokwetlisi wa ha jwale Helman Mkhalele e kaba yena mokwetlisi ya latelang wa Bafana Bafana.

Maikutlo a Motale a tla nakong eo Afrika Boroa e leng haufi haholo le ho phunyelletse ho ya mohopeng wa lefatshe selemo se tlang moo e tlabe e le dipapadi tsa ho qetela tsa mokwetlisi Hugo Broos.

Broos o ile a tsibisa ha a tla tlohela ho kwetlisa ka mora mohope wa lefatshe wa 2026 mme o lebeletse ho leba teng le sehlopha sa naha sa Bafana Bafana ‘I want to go to America’.

Motale o hlalositse ha sebapadi mooho sa mehleng se na le tsohle tse hlokwang ho ka hlahlama Broos jwalo ka mokwetlisi.

“Helman Mkhalele ke motho ya nepahetseng bakeng sa mosebetsi oo. Nakong ya papadi ke yena a fanang ka ditaelo, seo ke bopaki ba kutlwisiso ya papadi ya Bafana Bafana,” ho realo Motale.

Motale o re Mkhalele o se a kile a tshwara marapo ka nako eo Broos a neng a le Belgium ka ho kula mme o ile a hapa dipapadi tseo.

“Ke dumela ha a le malala-a-laotswe, hopola o ile a tshwara marapo nakwana mme a hapa. Ka maikutlo a ka, SAFA ha ya lokela ho batla hole bakeng sa ho hlahlamisa Broos.”

Bafana Bafana, ba setse ka papadi tse pedi tsa ho phunyeletsa mme ba hloka ho hapa bonyane e lengwe le ho bapala maleka ho feta ka kotloloho.

BALA HAPE: jordaan-o-na-le-tshepo-hore-mbokazi-o-tla-leba-chile