Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Lupopo o sekaseka tlholo kgahlano le Pirates

Mokwetlisi wa sehlopha sa St Eloi Lupopo Guy Bukasa, o phahlile le ho hlalosa lekunutu la bona ka mora ho hlola Orlando Pirates.

St Eloi Lupopo e makaditse batho ka ho hlola sehlopha se matla sa Pirates mafelo a fitileng a beke ka 3 – 0 ha Pirates e ne e etetse DRC.

Kashala Wanet, Dramane Kambou le Jean Benoit Tukumbane Banga, ke bona ba hlabetseng Lupopo dintlha le phunya Sipho Chaine ya sa hlajweng dintlha ha bonolo masoba.

“Re tsibile matla a Orlando Pirates. Ke sehlopha se matla empa re dutse raba le pelo le ho emela nako ya rona,” ho realo Bukasa.

“Re ba dumeletse ho tshwara bolo le ho laola empa ra emela menyetla ya ho hlasela ho buleha mme ra e sebedisa.”

Le ha ba hlotse Pirates ka ntlha tse leshongwana, Bukasa o dumela ha Pirates e ntse e le kotsi jwalo ka ha batla bapalla lapemg ka moqebelo.

“Retla sekaseka papadi e fitileng le ho itukisetsa papadi e lateleng ka hloko. E tloba papadi e boima retla ba malala-a-laotswe.”

Pirates e tla hloka ho etsa seso bonwe leotong la bobedi ha batla lelekisa dintlha tse tharo.

‘The Buccaneers’ batla hloka ho hlaba ntlha tse nne kapa ho feta ho hapa papadi mme ba lokela ho etsa bonnete ba hore haba hlajwe ntlha.

Pirates e tla amohela St Eloi Lupopo ka moqebelo lebaleng la Orlando. Papadi eo e tla thakgoha ka hora ya boraro thapama.

BALA HAPE: Pirates e buretswa e le hole ke St Eloi Lupopo