Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Motsepe o tshwaele qetong ya McKenzie ya ho ngolla FIFA

Mo’presidente wa mokgatlo wa bolo Afrika Patrice Motsepe, o ntshitse maikutlo ka qeto ya letona la dipapadi Afrika Boroa Gayton McKenzie, ya ho ngolla FIFA lengolo.

Motsepe, o hlalositse ha a dumela a bile a na le tshepo ya hore McKenzie, o tseba seo a se etsang mme a ke ke a tlola melawana ya FIFA e matla ya boitshunyakako ba sepolotiki papading ya bolo.

McKenzie o ngotse lengolo le yang ho FIFA moo a hlokang tlhakisetso le ho jarwa ha maikarabelo ke SAFA ntlheng ya ho sebedisa sebapadi se neng se na le dikarete tse pedi tse tshehla.

Letona McKenzie, le batla ba molato ba tsejwe le ho jariswa maikarabelo ketsong ya bona le ha mo’presidente wa SAFA Danny Jordaan a utlwahala a hulela hlakoreng le leng ka mora hore Afrika Boroa e phunyeletse ho ya mohopeng wa lefatshe.

Ha a ne a bua moketeng wa Sanef ka labohlano, Motsepe o hlalositse ha a dumela McKenzie a tseba moo matla a hae a fellang teng.

“Dinaha kaofela ditseba selekane sa papadi ya bolo le mmuso empa hona le meedi e hlakileng ho tsona,” ho realo Motsepe.

“Mmuso hawa lokela ho itshunyatshunya. Ke dumela ha puisano ya letona la dipapadi le FIFA e tla dula moo e lokelang ho fellang teng.”

Motsepe o phaeletse ka hore e bang mathata a le teng, o dumela a tla rarolwa ka metjha e nepahetseng.

BALA HAPE: Danny Jordaan o kwaela sebe ka kobo