Ditaba tsa moraoraoKrikete

Maharaj o thusa Afrika Boroa letsatsing la bobedi

Sebapadi sa Afrika Boroa se akgelang Keshav Maharaj, o thusa sehlopha ka ho ntsha dibapadi tse supileng tsa Pakistan tekong ya bobedi.

Maharaj o fetowe ke papadi ya pele moo Afrika Boroa e lahlehetswe mme boteng ba hae, bo bonahetse ka ho ketola dibapadi tse supileng Pakistan e dutse ho 333.

Di’Proteas, dibonahetse disokola letsatsi la pele, le ha Maharaj a ketotse dibapadi pele papadi e kwala (stumps).

Letsatsing la bobedi sebapadi sena se akgelang ka letsoho le le tshehadi, se kgutlile se sa batle ho utlwa letho la dipapadi tsa Pakistan.

Maharaj o kgutletse dibukeng hape ka mora ho etsa rekoto ya ho ketola dibapadi tse 7/102 lebaleng la Pakistan.

Makenong a yona Afrika Boroa, e phethetse letsatsi e dutse ho 185 ho tshile dibapadi tse nne (185/4).

Tony de Zorzi (55) le Tristan Stubbs (68*) ya ntseng a le kgabong, ke bona ba lwanneng le ho tlisa tshepo ho Afrika Boroa ya ho boya sekwele.

Hosane Stubbs, o tla qala letsatsi le Kyle Verreynne ya dutseng memathong e 10 ka mora ho ketolwa ha Dewald Brevis ka letata (0 runs).

BALA HAPE: Di’Proteas diqala dipapadi tsa diteko ka leoto lesele