Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Naha ya Morroco e amohela baeti ka leswai

Sehlopha sa naha ya Morocco se butse dipapadi tsa AFCON 2025 ka noto e hodimo ka mora ho tlabola naha ya Comoros.

Morocco, e hlotse Comoros papading ya pula madiboho ka 2 – 0 ho thakgola se molao mohope o moholo wa kontinente ya Afrika.

Naha ena eo e leng yona baamohedi ba baeti, e qadile papadi e le yona dithatohatsi tsa ho hlola ho latela tshebetso ya bona ya moraorao mohopeng wa lefatshe wa 2022 le boemo kontinenteng.

‘The Atlas’ ba lebisitse papading ho Comoros metsotsong e qalang ya papadi mme “The Coelacanths” ba itwanela le ho se dumelle Morocco ho etsa keya rata.

Morocco e ile ya fumana thaho ya mokoko metsotso papadi e qeta ho qala empa sethibathibane sa Comoros Yannick Pandor, a hana sesotho le hoba sethibathibane sa pele ho thiba mokoko tlhodisanong ya selemo sena.

Metsotso ka mora moo, mokaptene wa Morocco Jawad El Yamiq, o ile a qobelleha hotswa ka lebaleng ka lebaka ka kotso.

Papadi e lebile kgefutsong hose nko hotswa lemile mme karolong ya bobedi dintho tsa qala ho fetoha.

Brahim Diaz, o hlabile ntlha ya pele ya
tlhodisano e le ha a fa baamohedi ba baeti ketapele metsotsong e leshome ya karolo ya pele ya papadi.

Ntlha ya bobedi ya Morocco, e kene ka Anass Salah Eddine e le ho netefatsa ha Morocco e le baamohedi ba baeti mme ba bula dipapadi ka tlholo.

Kajeno [22 Tshitwe] ho tla bapala dipapadi tse tharo moo Mali e tla nkana le Zambia ka hora ya 16:00, Afrika Boroa e tla nkana le Angola ka 19:00 mme Egypt e nkane le Zimbabwe ka 22:00.

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Senegal o lemosa dihlopha ka Bafana Bafana