
Dibapadi tsa mehleng tsa Chiefs dikalana matla Saudi Arabia
Bahlaba dintlha ba babedi ba sehlohla sa Kaizer Chiefs ba ntshana bothaka naheng ya Saudi Arabia ka ho hlaba dintlha ho thusa dihlopha tsa bona.
Ranga Chivaviro le Caleb Bimenyimana, ba hlabile dintlha ha Al Adalah le Jeddah dine dibapala maleka a 2 – 2 bosiu ba labone.
Al Adalah ya Chivaviro, e nkile ketapele ya papading 2 – 1 mmo ntlha ya bobedi e hlajoweng ke yena Chivaviro.
Metsotso e robedi ka mora moo, Bimenyimana ke ha a phahamisa letsoho la hae le ho hlabela sehlopha sa hae ntlha e lekanyang 2 – 2.
Bimenyimana, o se a hlabetse sehlopha sa hae dintlha tse tse 5 dipapading tse 13 mme tse pedi tsa tsona e ne e le thaho ya mekoko, ka lehlakoreng le leng, Chivaviro o se a hlabile dintlha tse 8 dipapading tse 18 le ha a qadile le papadi makgetlo a 14.
Bobedi bona bo fitile mebaleng ya Chiefs moo basa bang le nako e monate jwalo ka ha bane ba qeta nako e ngata ba le kantle le ho se hlabe dintlha jwalo ka ha hone ho lebeletswe.
BALA HAPE:
