Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso o babatsa VAR ka mora tlholo ya bona

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o babaditse tshebetso ya VAR ka mora hore e ba namolele dintlheng tse pedi tseo ba dihlabileng.

Sundowns e hlotse Stade Malien ka 3 – 0 papading ya leoto la pele la CAF Champions League bosiu ba labobedi lebaleng la Loftus Versfeld.

Khuliso Mudau, Brayan Leon Muniz le Iqraam Rayners ya keneng a hlaha bakeng, e bile bona ba hlabelang Sundowns dintlha tsa tlholo.

Dintlha tse pedi tsa Sundowns, e bile tse tshopodi tseo mothusa moletsa phala a ahlotseng ka hore dibapadi dika barwetsaneng (Offside) empa VAR ya senola ha dintlha tseo dihlajowe ka ho nepahala.

Cardoso o hlalositse ha tshebediso ya VAR e ba sebeleditse hantle le ho thusa baletsa phala ka diqeto tsa bona.

“Re bone papading ya rona kgahlano le Orbit College ho bile le maemo ao VAR e kabeng e sebeditse ka ho fapana,” ho realo Cardoso.

“Baletsa’phala ba hloka ho thuswa, papadi e fetohile mme e tsamaya ka sekgahla moraong tjena mme ba hloka ho thuswa ka VAR.”

Cardoso o hlalositse ha a sena letho kgahlano le baletsa’phala empa e le ho lemosa ka thuso eo ba e hlokang.

“Ha kena letho kgahlano le bona, bampa ba hloka thuso hona hantle, fela jwalo ka rona re sebedisa dikgatiso. Kaofela re hloka hoba betere le ho fumana thuso e hlokahalang.”

Sundowns e tla leba leotong la bobedi e le monyetlang o moholo wa dintlha tse tharo mme baka hloka ho hlaba ntlha e le nngwe fela le ho tshireletsa.

BALA HAPE: Kekana le yena o lla ka dipapadi tse tlang ka sekgahla