
Canada e fana ka tharollo qakeng ya Omar Artan
Naha e tshwarang mohope wa lefatshe ka kopanelo ya Canada, e fanne ka seo e kabang tharollo bothateng bo amang moletsaphala wa Somalia Omar Artan.
Artan o hanetswe ho kena America moo a neng a lokela ho laola tse ding tsa dibapadi mohopeng wa lefatshe.
Qeto ena e qobelletse moletsaphala enwa wa selemo Africa ho kgutlela lapeng le ha ditokomane tsa hae dine di dumela hore a ka kene le ho etsa mosebetsi wa hae.
BALA: Sehlopha sa Botolo Pro League se bontsha kgahleho ditshebeletsong tsa Mabasa
Le ha hole jwalo, Canada e hlalositse ha e sena bothata hore Artan a ka kena ka hara naha ya bona ho laola tse ding tsa dipapadi tse tla bapalla naheng eo.
Phatlalatso ena ya Canada e tlohela tsohle matsohong a FIFA e neng e se e qetile ka hore Artan e ke ke yaba karolo ya mohope wa lefatshe ho latela qeto ya America.
Tebello ke ho bona hore jwalo ka ha FIFA e dula e bua ka ho kopanya ditjhaba, e tla ananela le ho Artan monyetla wa hoba moletsaphala wa pele hotswa Somalia ho laola dipapadi tsa mohope wa lefatshe.
