Bolo ya maoto

Nabi o fetola maikutlo ka seo a sebuileng

Mokwetlisi wa sehlopha sa Kaizer Chiefs, Nasreddine Nabi o fetola maikutlo mme o hlalosa ha a ne a sa utlwisisehe. Nabi o ile hlalosa ka makgetlo ha sa thabiswe ke tse ding tsa dibapadi tseo a neng a na le tsona sehlophang.

Sena se ile sa tlisa tebello ya hore sehlopha sa tla feta tlasa phetoho e kgolo ho fumana sehlopha kapa dibapadi tse tla mokgotsofatsa. Ho sale jwalo, diketso tsa sehlopha sa Kaizer Chiefs thekisong ena ya dibapadi di bonahala di fapane le maikutlo a Nabi a pejana.

Jwalo ka ha Nabi a tla kena sehleng sa hae sa bobedi, tebello ke e kgolo sehleng sena. Amakhosi e boetse e kgutlela dipapading tsa continente tsa CAF jwalo ka ha ba tlabe ba bapala ho CAF Confederation ka mora ho hapa Nedbank Cup sehleng se fitileng.

Nabi o ntshitse maikutlo a hae pele ho papadi ya bona ya pele ya sehla kgahlano le Stellenbosch ka dibapadi tse tekenweng.”Seo ke se buileng sehleng se fitile se ka tswa se sa utlwahala le ho utlwisiswa,” ho hlalosa Nabi.

“Ke ne ke batla ho hlalosa hore ke hloka dibapadi tsa mofuta o feng, tse kgonang mofuta wa papa eo ke e batlang…. ke ne ke sa hlalose hore ha kena dibapadi tse hlwahlwa. Ke batla ho hlakisa seo,” ke Nabi eo. Nabi o tswetse pele ho hlalosa hore o thabetse dibapadi tseo a nang le tsona mme tla tekena hape e bang ho hlokahala.

“Sa bobedi, retlo qala sehla le dibapadi tse ntjha,” ho hlalosa Nabi. “Botsamaisi bo lekile tsohle ho fumana dibapadi tse hlwahlwa jwalo ke nako ya ho ba fa nako. Re tla bona ha nako e tsamaya e bang re nkile qeto tse nepahetseng. Sena retla se bona nakong ya papadi tsa rona,” ke Nabi a phethela.

Chiefs e tekene Ethan Chislett, Nkanyiso Shinga, Flavio Silva, Paseka Mako, Thabiso Monyane, le Siphesihle Ndlovu. Ho sale jwalo ho na le menyenyetsi e tseng e ipetsa ya Etiosa Ighodaro le Keletso Makgalwa.

Translator: Kabelo Lehasa