Bolo ya maoto

Hunt o halefiswa ke dibapadi tseo a di batlang

Mokwetlisi wa sehlopha sa Durban City Gavin Hunt, o ntshitse maikutlo ka ho se kgotsofatswe ke dibapadi tse sa batleng ho tekena le sehlopha sa hae. Hunt o hlalositse ha dibapadi di sa kgutlela ho yena mme sena se mo sile a halefile le ho ipotsa hore ke ho baneng ba sa moarabe.

Hunt ya batlang ho matlafatsa sehlopha sa hae ka dibapadi tse hlwahlwa, o batla ho tekena dibapadi tse pedi tse jwang e leng Zakhele Lepasa le Lebohang Maboe. Hunt, tswile letsholo ka bo yena ho fumana dibapadi tsena ka tumelo ya hore batla fihlella tumellano.

“Ke baletseditse ka bobedi,” ho hlalosa Hunt a bua ho kgakolweng ha sehla se setjha sa Betway Premiership. “Ke nahana Lepasa o dipuisane le sehlopha se seng.

Ke nahana o batla ho lo bapalla sehlopha se seng,” ho hlalosa Hunt. Lepasa o satswa lokollwa ke sehlopha sa Orlando. Lepasa o se a kile a bapala tlasa Hunt sehlopheng sa Supersport mme Hunt o ne a dumela ha ba ka sebetsa mmoho hape.

Tabeng ya Maboe, Hunt o ha Maboe a itse oka kotsi lehetleng. “O itse o tla kgutlela ho nna, empa ha a so kgutlile,” ho hlalosa Hunt. Ho se utlwane ka puo hona ho sile Hunt a le lefifing.

Hunt o setse a ipotsa dipotso ka hotla sehlophang sa le hore e be o tla fela e be karolo ya sehlopha.Mokwetlisi e nwa ya nang le boiphihlelo, o kwetse ha ho nka qeto ya ho nahana hore mohlomong dibapadi ha dibatle ho sebetsa le yena.

“Mohlomong ha ba batle ho bapalla sehlopha [Durban City] ha ke tsebe,” ho hlalosa Hunt. Durban City e tla thakgola sehla se setjha kgahlano le sehlopha sa TS Galaxy moo batlabe ba etile thapameng ya sontaha.

Translator: Kabelo Lehasa