
Miguel Cardoso o hlalosa maikemisetso ka ho fokotsa sehlopha
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns, Miguel Cardoso o hlalosa maikemisetso a hae ka ho fokotsa dibapadi sehlophang.
Mamelodi e lebeletswe ho arohana le dibapadi, ha tse ding ditla a’dingwa dihlopha tse ding, tse ding tsona di tsamaye ka kotloloho.
Tsena tsohle ke hobane mokwetlisi Cardoso o batla hoba le sehlopha sa dibapadi tse mmalwa tseo a kgonang ho sebetsa le tsona. Mamelodi Sundowns e tse jwang ka ho ka hore dibapadi tsa theko e hodimo, e se arohane le dibapadi tse tsheletseng ha jwale.
Ho sa lebeletse dibapadi tse ding jwalo, Sundowns e lebeletswe ho arohana le dibapadi tse ding hape mme sena ke mohato oo Cardoso a o tjhaelang monwana.
“Ho la Portugal, sehlopha se ba le dibapadi tse 22 le dithibatgibane tse pedi. Kwano Africa Boroa dintho di fapane. Mokwetlisi o hlalositse bohlokwa ba ho kgothatsa sehlopha papisong le sehlopha sa dibapadi tse ngata ka menahano e fapaneng.
“Sehlopha sena setla kgutsufala ho feta sehleng se fitile,” ho hlalosa Cardoso. “Empa e seng ho kgutsufala jwalo ka tsa mose ho mawatle.
“Ha re batle sebapadi se nahanang se qheletswe ka thoko sehlopheng. Ba lokela ho ba karolo ya sehlopha le hoba le seabo kgafetsa.”Ka tebello ya ho kgutsufatsa sehlopha, Cardoso o ntse a sebetsa sephiring ho bopa le ho kopanya sehlopha setla lwana ya kgumamela kwalo lapeng le continenteng.
Ho lokollwa ha dibapadi ho dumelwa ha ho engwe ka pele ke maemo a sa tsitsang a dibapadi tse tharo tse kgolo sehlopheng.
Mmapala-pele Lucas Ribeiro le Peter Shalulile ho tlalehwa ha bale makgatheng a ho tsamaya sehlopha ka mora tlaleho tsa kopo ya tjhelete e tsosang hotswa dihlopheng tse ding.
Ho utlwahala ha Mmapala-morao Khuliso Mudau a ntse a sa ikwetlisi le sehlopha ho latela tletlebo ya hao ya ho tseka ke ketso ya moputso. Sena setla ka mora tlaleho ya hore sehlopha se hane kopo ya sehlopha sa Africa leboya moo a ne a tla e pola ka mokotla.
Translator: Kabelo Lehasa
BALA HAPE: nabi-o-fetola-maikutlo-ka-seo-a-sebuileng
