Ditaba tsa moraoraoKrikete

Afrika Boroa e hapa teko ya pele ka mora dilemo tse 15 India

Sehlopha sa naha sa papadi ya krikete se hapile teko ya pele ya tse pedi ka mematho e 30 kgahlano le naha ya India motsemoholo Kolkata.

Di’Proteas dihlotse India papading e bileng thata lebaleng la Eden Gardens le neng lefa dibapadi tse otlang mathata le ho dumella dibapadi tse akgelang ho laola papadi.

Makenong a pele, Afrika Boroa e entse mematho e 159, ha India e entse mematho e 189 le hoba monyetla o motle.

Makenong a bobedi, Afrika Boroa e bile tlasa kgatelo le ho fella mematho e 153 mme ba qobella India ho tswa kaofela ka mematho e 93.

Temba Bavuma ya so hlolwe jwalo ka mokaptene, o entse mematho e 55* le ho qeta makeno a bobedi a ntse a le kgabong.

Simon Harmer ya bidikisang bolo, o ketotse dibapadi tse robedi makenong a mabedi le ho ba sebapadi se ketotseng dibapadi tse ngata ka ho fitisisa papading.

Marco Jansen (5) le Keshav Maharaj (3) le bona ba bile le seabo ho ketoleng dibapadi karolong tse pedi tsa papadi.

Tlholo ena, ke ya pele ya Afrika Boroa dilemong tse 15 naheng ya India mme tsena tsohle, dietsahala ka nako eo Bavuma le yena a ntseng a tswelapele ho iketsetsa nalane ya hae.

Di’Proteas, ditla kena papading ya bobedi dimatha pele e bile dile monyetla wa ho hapa letoto kapa ho bapala maleka.

Papadi ena, e tla qala ho bapala ka la 22 Pudungwane lebaleng la Barsapara toropong ya Guwahati, mme yona e tla thakgoha ha 05:30 hoseng ka nako ya Afrika Boroa.

BALA HAPE: Di’Proteas ditlasa kgatello ka mora letsatsi la bobedi